18. Mohla ke robang joko ya Egepeta,motse wa Tahepaneheseo tla aparelwa ke lefifi,matla a wona a boikgohomoso,wona a fele.Leru le letsho le tla kwahela Egepeta,baahi ba yona ba iswe bothopuweng.
19. Ha ke otla Egepetaka wona mokgwa ona,Baegepeta ba tla tsebahore ke nna Morena.> ”
20. Ka letsatsi la bosupa la kgwedi ya pele selemong sa leshome le motso o mong, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:
21. “Wena ngwana motho, ke robile letsoho la Faro, kgosi ya Egepeta. Ha le a ka la tlamellwa hore le tle le fole, leha e le ho qahathiswa ka dithupa hore le tle le matlafale, le tsebe ho tshwara sabole.
22. Ka baka leo, Morena Modimo o re: Ke lwantshana le Faro, kgosi ya Egepeta. Ke tla roba matsoho a hae a mabedi, le phelang hantle le le robehileng, mme ke tla etsa hore sabole e we letsohong la hae.
23. Ke tla qhalakanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba qhalanyetse dinaheng disele.