11. Kgosi Nebukadenesarele bahlabani bohle ba hae,tjhaba se sehlohoho feta ditjhaba tsohle,ba tla romelwa ho ripitla naha ena;Egepeta ba tla e futuhela,ba e futuhele ka disabole,naha yohleba e tlatse topo tsa babolauwa!
12. Melatswana ya noka ya Nileke tla e pshesa,ke neelane ka nahamatsohong a ba kgopo.Naha le tsohle tsa yonake tla di etsa nanaola,ke di etse nanaolaka tsoho la baditjhaba,ke nna Morena ya buileng jwalo.
13. “ <Morena Modimo o bua tjena:“ <Ke tla timetsa le medingwana,medingwana ya bohata,ke fedise tshwantsho tsa medimo,ke di fedise naheng ya Nofa;ha ho sa tla ba le kgosananaheng ya Egepeta,pelong tsa Baegepetateng ke kenye tshabo.
14. Patarose ke tla e fetola e be nanaola,ke tjhese hlahakahara motse wa Sowane,motse wa Tebese wona ke o otle.
15. Kgalefo ya kake tla e hlatsetsa hodima Sine,Sine eo e leng qhobosheane,qhobosheane ya Egepeta,mabotho a Tebese wona ke a ripitle.
16. Ke tla tjhesa hlahakahara naha ya Egepeta,Sine e meneke ke ho utlwa bohloko;marako a Tebese wona a tla heletswa,ka matsatsi wohleNofa e phele ka ditlokotsi.