2. Yaba ke a ahlama, mme a nnea buka hore ke e je.
3. Yaba o re ho nna: “Wena ngwana motho, eja buka ena eo ke o neang yona, mme o tlatse mala a hao ka yona.”Yaba ke a e ja; ka utlwa e le monate jwaloka mahe a dinotshi.
4. Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, tsamaya, o ye ho bana ba Iseraele, o ba bolelle mantswe a ka.
5. Ha o rongwe setjhabeng se buang puo esele, e thata, empa o rongwa ho ba ntlo ya Iseraele,
6. e seng ho ditjhaba tse ngata tse buang dipuo disele, tse thata, tseo o ke keng wa di utlwisisa. Ruri hoja ke ile ka o roma ho tsona di ka be di ile tsa o mamela.
7. Empa bana ba Iseraele ba ke ke ba o mamela, hobane le nna ha ba a ka ba mmamela. Bana ba Iseraele bohle ba thatafaditse dipelo, ba manganga.
8. Ke tla etsa hore pelo ya hao e thatafale, mme o be manganga jwaloka bona.
9. Ke tla thatafatsa pelo ya hao sa lejwe la moremaphofu, o be thata ho feta tshepe. O se ke wa ba tshaba, leha e le ho ba tshoha, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.”
10. Modimo a tswela pele, a re ho nna: “Wena ngwana motho, mamela ka hloko, mme mantswe wohle a ka a kene pelong ya hao.
11. Tsamaya, o ye setjhabeng sa heno se bothopuweng, o yo bua le sona, o re: <Morena Modimo o bua tjena,> ebang se a o mamela kapa ha se o mamele.”
12. Yaba Moya o nkukela hodimo, mme kamorao ho nna ka utlwa lentswe le phefa, le re: “Ho roriswe tlotla ya Morena leahong la hae!”
13. Ka utlwa modumo wa mapheo a dibopuwa tse phelang ha a thetsana, le modumo wa mabidi a mahlakoreng a tsona, e le modumo o moholo.
14. Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkuka wa ya le nna, ka tsamaya ke utlwile bohloko, ke halefile, mme matla a tswang ho Morena a ntsukutla haholo.
15. Yaba ke fihla ho bathopuwa ba le Tele-Abibe, moo ba ahileng teng pela noka ya Kebare; ka phela moo le bona ka matsatsi a supileng, ke maketse!
16. Hoba matsatsi a supileng a fete, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:
17. “Wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele, ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang molomong wa ka, o ba nee keletso ya ka.
18. Ha ke re ho ya kgopo: <Ruri o tla shwa,> mme wena o sa mo eletse, kapa wa mo kgalemella ditsela tsa hae tse kgopo, e le hore a pholose bophelo ba hae, motho eo ya kgopo o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa madi a hae ke tla a batla ho wena.
19. Empa ha o eletsa ya kgopo, feela a sa kgutle bokgopong ba hae, kapa tseleng tsa hae tse kgopo, o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa wena o tla be o ipholositse.
20. “Hape ha motho ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bobe, mme ke bea sekgopi tseleng ya hae, o tla shwa. Kahobane ha o a ka wa mo eletsa, o tla shwa ka baka la sebe sa hae. Ho loka ha hae, hoo a kileng a ho etsa, ho ke ke ha hopolwa, empa madi a hae ke tla a batla ho wena.
21. Empa haeba o eletsa ya lokileng hore a se ke a etsa sebe, mme a fela a sa se etse, o tla phela, hobane o ile a eletseha, mme wena o ipholositse.”
22. Yaba matla a tswang ho Morena a ntsukutla, Morena a re: “Ema, o tsamaye, o ye phuleng, moo ke tla bua le wena teng.”