1. Modimo a re ho nna: “Wena ngwana motho, eja se kapele ho wena: Eja buka ena, mme o tsamaye, o yo bua le bana ba Iseraele.”
2. Yaba ke a ahlama, mme a nnea buka hore ke e je.
3. Yaba o re ho nna: “Wena ngwana motho, eja buka ena eo ke o neang yona, mme o tlatse mala a hao ka yona.”Yaba ke a e ja; ka utlwa e le monate jwaloka mahe a dinotshi.
4. Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, tsamaya, o ye ho bana ba Iseraele, o ba bolelle mantswe a ka.
5. Ha o rongwe setjhabeng se buang puo esele, e thata, empa o rongwa ho ba ntlo ya Iseraele,
6. e seng ho ditjhaba tse ngata tse buang dipuo disele, tse thata, tseo o ke keng wa di utlwisisa. Ruri hoja ke ile ka o roma ho tsona di ka be di ile tsa o mamela.
7. Empa bana ba Iseraele ba ke ke ba o mamela, hobane le nna ha ba a ka ba mmamela. Bana ba Iseraele bohle ba thatafaditse dipelo, ba manganga.
8. Ke tla etsa hore pelo ya hao e thatafale, mme o be manganga jwaloka bona.
9. Ke tla thatafatsa pelo ya hao sa lejwe la moremaphofu, o be thata ho feta tshepe. O se ke wa ba tshaba, leha e le ho ba tshoha, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.”
10. Modimo a tswela pele, a re ho nna: “Wena ngwana motho, mamela ka hloko, mme mantswe wohle a ka a kene pelong ya hao.
11. Tsamaya, o ye setjhabeng sa heno se bothopuweng, o yo bua le sona, o re: <Morena Modimo o bua tjena,> ebang se a o mamela kapa ha se o mamele.”
12. Yaba Moya o nkukela hodimo, mme kamorao ho nna ka utlwa lentswe le phefa, le re: “Ho roriswe tlotla ya Morena leahong la hae!”
13. Ka utlwa modumo wa mapheo a dibopuwa tse phelang ha a thetsana, le modumo wa mabidi a mahlakoreng a tsona, e le modumo o moholo.