Esekiele 29:7-11 BIBELE (SSO89SO)

7. Ha Baiseraele ba itshwarella ka wena,o ila peperana,wa ba hlaba ka mahafing;ha ba leka ho ikokotlela ka wena,yaba o a robeha,ba tswenetseha matheka.

8. “ <Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Ke tla o bolaya ka sabole, ke bolaye setjhaba sa hao le diphoofolo tsa sona.

9. Naha ya Egepeta e tla fetoha nanaola, mme Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena, hobane Faro yena o itse: “Noka ena ke ya ka, e entswe ke nna.”

10. Ka baka lena he, ke a o lwantsha, wena le dinoka tsa hao, mme naha ya Egepeta ke tla e ripitla, ke e fetole nanaola, ho tloha Migedole ho ya fihla Sefene, le ho ya fihla meeding ya Kushe.

11. Ha ho motho kapa phoofolo e tla ke e hate hodima yona, mme Egepeta ha e ka ke ya hlola e eba le baahi ka dilemo tse mashome a mane.

Esekiele 29