Esekiele 29:15-21 BIBELE (SSO89SO)

15. E tla ba mmuso o fokolang ho feta mebuso yohle, mme o ke ke wa hlola o busa ditjhaba tse ding, hobane ke tla o fokodisa hoo o ke keng wa hlola o tseba ho busa ditjhaba tse ding.

16. Egepeta e ke ke ya hlola e eba setshehetso sa setjhaba sa Iseraele, empa etlare ha Baiseraele ba e bona, e ba hopotse sebe sa bona sa ho batla thuso ho yona. Kahoo Baiseraele ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo.> ”

17. Ka letsatsi la pete la kgwedi ya pele selemong sa mashome a mabedi a metso e supileng, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

18. “Wena ngwana motho, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o ile a etsa hore mabotho a hae a futuhele motse wa Tire ka sekgahla se seholo. Meqeqeko eo bahlabani ba neng ba e jere e ile ya ba phumola mafatla, mahetla a bona a phumoha dibebe. Empa yena le bahlabani ba hae ha ho moputso oo ba ileng ba o fumana ka ho futuhela Tire.

19. Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Naha ya Egepeta ke tla e nea Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. O tla hapa matlotlo a yona, a lobele dintho tsa yona, mme tsena e be moputso wa bahlabani ba hae.

20. Ke mo neile naha ya Egepeta e le moputso wa mosebetsi oo a ileng a nketsetsa wona, ho rialo Morena Modimo.

21. “Mohla tsatsi leo, ke tla matlafatsa setjhaba sa Iseraele, ke rarolle leleme la hao, o bue moo bohle ba ntseng ba utlwa, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”

Esekiele 29