Esekiele 29:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka letsatsi la leshome le metso e mmedi la kgwedi ya leshome selemong sa leshome, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

2. “Wena ngwana motho, tadima Faro, kgosi ya Egepeta, o mo porofetele, o be o porofetele le naha yohle ya Egepeta.

3. O mmolelle, o re: <Morena Modimo o bua tjena:“ <Wena Faro, kgosi ya Egepeta,moraparapa wa kganyapao phelang dinokeng,o ithorisang ka ho re:“Noka ena ke ya ka,ke nna ka seqo ya iketseditseng yona,”tseba, wena Faro,hore ke a o lwantsha!

4. Ka dilope mehlahare ya haoke tla e qadipa,tlhapi tsa noka ya haoke di kgomarise mahehefeng a hao;ke o hoholele kantleho dinoka tsa hao,tlhapi tsohle tsa noka ya haodi kgomaretse mahehefeng a hao.

5. Ke tla o akgela kahara lehwatata,wena le ditlhapi tsohletsa dinoka tsa hao.O tla re polopoqo!kahara mmanana,ho se be ya o nkang hore a o epele.Topo sa hao se tla jewa ke dibatana,se jewe ke matlaka a sollang hodimo.

6. “ <Baahi bohle ba Egepeta ba tla tseba,ba tsebe hore ruri Morena ke nna,hobane Baegepetae ne e le lere la Iseraele,e le lere la lehlaka, motemekwane.

7. Ha Baiseraele ba itshwarella ka wena,o ila peperana,wa ba hlaba ka mahafing;ha ba leka ho ikokotlela ka wena,yaba o a robeha,ba tswenetseha matheka.

8. “ <Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Ke tla o bolaya ka sabole, ke bolaye setjhaba sa hao le diphoofolo tsa sona.

9. Naha ya Egepeta e tla fetoha nanaola, mme Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena, hobane Faro yena o itse: “Noka ena ke ya ka, e entswe ke nna.”

Esekiele 29