20. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:
21. “Wena ngwana motho, tadima Sidone, o e porofetele.
22. Ere ho yona: <Morena Modimo o bua tjena:“ <Wena Sidone,tseba hoba ke a o lwantsha,tlotla ya kake tla e bonahatsa ka wena;bohle ba tla tsebahore ke nna Morena,ha ke ahlola baahi bohle ba hao,ke etsa sesupo sa hore ke a halalela.
23. Sidone ke tla e dihela lefu,ke e dihele lefu la sewa,madi a phalle diterateng tsa yona.Babolauwa e tla ba mofela,e be mofela diterateng,kahohle sabole e tla ba bolaya;kahoo ba tla tsebahore ke nna Morena.
24. “ <Ditjhaba tsohle tse ahelaneng le Baiseraele, tse neng di ba nyedisa, ha di sa tla hlola di iketsa meutlwa kapa metsu ya leoka e ba hlabang habohloko. Kahoo di tla tseba hore ke nna Morena Modimo.
25. “ <Morena Modimo o bua tjena: Ha ke se ke phuthile Baiseraele, ke ba ntshitse hara ditjhaba tseo ba qhalakaneng hara tsona, ditjhaba tseo di tla bona hore ke a halalela, mme Baiseraele ba tla aha naheng ya bona, eo ke neng ke e nee mohlanka wa ka Jakobo.