17. Ka baka la botle ba haoo ila ikakasa,tlotla ya haoya silafatsa bohlale ba hao;kahoo yaba nna ke o lahlela fatshe,ke o etsa sekao hore dikgosi di bone!
18. O silafaditse dihalalelo tsa hao,wa di silafatsaka bongata ba makgopo a hao,wa di silafatsaka ho hweba ka bolotsana;kahoo ke tla hotetsa mollokahare ho wena,wona o o tjhese, o be o o timetse,ke o fetole molora hodima lefatshe,moo batho bohleba ntseng ba o bona.
19. Tjhaba tsohle tse o tsebangdi tla o makalla;pheletso ya hao e tla ba e sehloho,o ke ke wa hlola o eba teng,o eba teng kamehla yohle.> ”
20. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:
21. “Wena ngwana motho, tadima Sidone, o e porofetele.
22. Ere ho yona: <Morena Modimo o bua tjena:“ <Wena Sidone,tseba hoba ke a o lwantsha,tlotla ya kake tla e bonahatsa ka wena;bohle ba tla tsebahore ke nna Morena,ha ke ahlola baahi bohle ba hao,ke etsa sesupo sa hore ke a halalela.
23. Sidone ke tla e dihela lefu,ke e dihele lefu la sewa,madi a phalle diterateng tsa yona.Babolauwa e tla ba mofela,e be mofela diterateng,kahohle sabole e tla ba bolaya;kahoo ba tla tsebahore ke nna Morena.