11. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:
12. “Wena ngwana motho, binela kgosi ya Tire kodi-ya-malla, o re ho yona: <Morena Modimo o bua tjena:“ <Botho ba haobo ne bo phethehile,bohlale ba hao bo se na tekanyo,botle ba hao le bona bo ritelehile.
13. O no phela Edene,rapeng sa Modimo,mekgabo ya haoe le mahakwe a bohlokwa:dirubi, didaemane le ditopase;berile, kareneleane, le jasepere;safire, emeraleda le karanete.Mekgabiso ya hae e ne e le ya kgauta,tsena tsohle o no di etsetswe,wa di etsetswa mohla tlholeho ya hao.
14. O no tlotswe,wa ba kerubime e sireletsang,nna ka seqo, ke o beile jwalo.O no le thabeng ya Modimo,thaba e halalelang,o tsamaya hara majwea phatsimang sa malakabe.