10. O tla bolawa ke baditjhaba,o shwe lefu la maqai,hobane ke buile jwalo, ho rialoMorena Modimo.> ”
11. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:
12. “Wena ngwana motho, binela kgosi ya Tire kodi-ya-malla, o re ho yona: <Morena Modimo o bua tjena:“ <Botho ba haobo ne bo phethehile,bohlale ba hao bo se na tekanyo,botle ba hao le bona bo ritelehile.
13. O no phela Edene,rapeng sa Modimo,mekgabo ya haoe le mahakwe a bohlokwa:dirubi, didaemane le ditopase;berile, kareneleane, le jasepere;safire, emeraleda le karanete.Mekgabiso ya hae e ne e le ya kgauta,tsena tsohle o no di etsetswe,wa di etsetswa mohla tlholeho ya hao.
14. O no tlotswe,wa ba kerubime e sireletsang,nna ka seqo, ke o beile jwalo.O no le thabeng ya Modimo,thaba e halalelang,o tsamaya hara majwea phatsimang sa malakabe.
15. Ho tloha mohla letsatsi,tsatsi la tlholeho ya hao,ho fihlela bokgopobo fumanwa ho wena,tsela tsa hao di ne di se na kodi.
16. Ka baka la ho namaha kgwebo ya hao,pelo ya hao e ila tlala sehloho,yaba jwale wena o etsa sebe.Kahoo ka o lelekathabeng ya Modimo,ka o leleka ke ho silafala ha hao,ka o timetsa,wena kerubime e sireletsang,ka o tlosa hara majwea phatsimang sa malakabe.