1. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:
2. “Wena ngwana motho, bolella kgosana ya Tire, o re: <Morena Modimo o re:“ <Pelo ya hao e a ikgohomosa,o bile o re: Nna ke modimo,ke dutse teroneng ya Modimo,e potapotilweng ke mawatle.Empa o motho, ha o modimo,le hoja o re o bohlale sa Modimo.
3. Na o bohlale ho feta Daniele?Ha ho sephirise patehileng ho wena?
4. Ka bohlale ba haole ka kutlwisiso ya hao,o ile wa ipokellela matlotlo,wa bokella kgauta le silefera,wa di bokella matloleng a hao.