Esekiele 27:30-36 BIBELE (SSO89SO)

30. Ba tla howeletsa haholo ba tlerohe,ba lle habohloko, ba o llele,ba itshele ka lerole hodima dihlooho,ba ipitike le hodima molora.

31. Dihlooho tsa bona ba tla di beola,ba di beole, ba di beolele wena,ba apere aparo tse mahwashe.Ba tla o llela ka pelo tse bohloko,bofifi ba bona e be ba mahlomola.

32. Dillong tseo tsa bona tsa bofifi,ba tla o binela kodi-ya-malla,ba re: “Ke motse ofeo kila timetswa sa Tire,wa timeletswa bodibeng ba lewatle?”

33. Ha thepa ya haoe ne e tshela mawatle,o no fepa matjhabatjhaba,o a kgorisa;ka bongatangata ba matlotlo a hao,ka bongatangataba thepa ya hao ya kgwebo,kgosi tsa lefatshe o ila di ruisa.

34. Jwale o thuehetse hara mawatle,wa teba hara bodiba ba metsi;thepa yohle ya hao ya kgwebo,le bohle ba neng ba le ho wena,tsena tsohle di tebile mmoho le wena.

35. Batho bohleba ahileng mabopong a lewatle,pheletso ena ya hao e ba tshositse;dikgosi tsa bona di tetemisa dirope,fahleho tsa tsonadi tsunkantswe ke letswalo.

36. Bahwebi ba matjhababa o nyekoletsa melomo;pheletso ya hao ruri e a tshabeha,ha o sa tla ba teng kamehla yohle!> ”

Esekiele 27