Esekiele 27:26-31 BIBELE (SSO89SO)

26. Basoki ba hao ba o isa mawatleng,ba o isa mawatleng a sabaletseng:Empa moya wa botjhabelao tla o thua,o o etse ditsekana hara bodiba!

27. Matlotlo a hao le thepa ya kgwebo,bo-radikepe le basesisi ba hao,malala a haoa thibang dikepe matlere,bahwebi ba hao bohle le bahlabani,le batho bohle ba kahare ho wena,ba tla teba bodibeng ba lewatle,mohla koduwa ya ho thueha ha hao.

28. Naha tse bopong la lewatledi tla reketla,di reketle ha basesisi ba hao ba howa!

29. Basoki bohleba tla tlohela dikepe tsa bona,bo-radikepele basebetsi bohle ba tsona,ba tla di theoha,ba eme hodima lebopo.

30. Ba tla howeletsa haholo ba tlerohe,ba lle habohloko, ba o llele,ba itshele ka lerole hodima dihlooho,ba ipitike le hodima molora.

31. Dihlooho tsa bona ba tla di beola,ba di beole, ba di beolele wena,ba apere aparo tse mahwashe.Ba tla o llela ka pelo tse bohloko,bofifi ba bona e be ba mahlomola.

Esekiele 27