14. Ke tla o etsa lefika le feela, mme o tla fetoha sebaka seo ho anehwang matlowa ho sona. Marako a hao a ke ke a hlola a tsoswa, hobane nna Morena ke buile, ho rialo Morena Modimo.β
15. Morena Modimo o bua tjena ho Tire: βNa dinaha tse pela lewatle ha di na ho thothomela ha di utlwa hore o wele, ha mahlatsipa a ntse a dumaela, mme batho ba bolawa hara motse wa hao?
16. Mahosana wohle a mabopong a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona, a hlobole diaparo tsa wona tsa bohosana le tse homilweng. A tla dula fatshe a tshohile haholo, a ntse a thothomela ka dinako tsohle, a o makaletse.
17. A tla o binela kodi-ya-malla, a re:β <O ripitlilwe jwangwena motse o tummeng,oo baahi ba wonae leng banna ba lewatle,wena o neng o le sehanyata,sehanyata lewatleng,o le sehanyatammoho le baahi ba hao?Bohle ba phelang lewatlengba a o tshaba!
18. Jwale dihlekehleke di a thothomela,di thothomelaka tsatsi la ho wa ha hao;lewatleng dihlekehleke di tshohile,di tshohile ka baka la ho wa ha hao.> β