11. Ditlhako tsa dipere tsa hae di tla hatakela diterata tsa hao tsohle. O tla bolaya setjhaba sa hao sohle ka sabole, ditshiya tsa hao di wele fatshe.
12. Dira tsa hao di tla hapa maruo a hao, di lobele thepa ya hao. Di tla heletsa marako a hao, di dihe matlo a hao a majabajaba. Di tla lahlela majwe a hao lewatleng, di lahlele le maballo a hao, le koqokoqo ya matlo a hao a heleditsweng.
13. Ke tla fedisa dipina tsohle tsa hao, le modumo wa diharepa tsa hao ke o fedise.
14. Ke tla o etsa lefika le feela, mme o tla fetoha sebaka seo ho anehwang matlowa ho sona. Marako a hao a ke ke a hlola a tsoswa, hobane nna Morena ke buile, ho rialo Morena Modimo.β
15. Morena Modimo o bua tjena ho Tire: βNa dinaha tse pela lewatle ha di na ho thothomela ha di utlwa hore o wele, ha mahlatsipa a ntse a dumaela, mme batho ba bolawa hara motse wa hao?
16. Mahosana wohle a mabopong a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona, a hlobole diaparo tsa wona tsa bohosana le tse homilweng. A tla dula fatshe a tshohile haholo, a ntse a thothomela ka dinako tsohle, a o makaletse.
17. A tla o binela kodi-ya-malla, a re:β <O ripitlilwe jwangwena motse o tummeng,oo baahi ba wonae leng banna ba lewatle,wena o neng o le sehanyata,sehanyata lewatleng,o le sehanyatammoho le baahi ba hao?Bohle ba phelang lewatlengba a o tshaba!