Esekiele 26:10-21 BIBELE (SSO89SO)

10. Dipere tsa hae di tla ba ngata hoo di tla o kwahela ka lerole. Lekitikiti la dipere, le la makoloi le la dikariki tsa ntwa le tla sisinya mabota a hao, ha a kena dikgorong tsa hao jwaloka banna ba kenang motseng oo marako a wona a heleditsweng.

11. Ditlhako tsa dipere tsa hae di tla hatakela diterata tsa hao tsohle. O tla bolaya setjhaba sa hao sohle ka sabole, ditshiya tsa hao di wele fatshe.

12. Dira tsa hao di tla hapa maruo a hao, di lobele thepa ya hao. Di tla heletsa marako a hao, di dihe matlo a hao a majabajaba. Di tla lahlela majwe a hao lewatleng, di lahlele le maballo a hao, le koqokoqo ya matlo a hao a heleditsweng.

13. Ke tla fedisa dipina tsohle tsa hao, le modumo wa diharepa tsa hao ke o fedise.

14. Ke tla o etsa lefika le feela, mme o tla fetoha sebaka seo ho anehwang matlowa ho sona. Marako a hao a ke ke a hlola a tsoswa, hobane nna Morena ke buile, ho rialo Morena Modimo.”

15. Morena Modimo o bua tjena ho Tire: “Na dinaha tse pela lewatle ha di na ho thothomela ha di utlwa hore o wele, ha mahlatsipa a ntse a dumaela, mme batho ba bolawa hara motse wa hao?

16. Mahosana wohle a mabopong a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona, a hlobole diaparo tsa wona tsa bohosana le tse homilweng. A tla dula fatshe a tshohile haholo, a ntse a thothomela ka dinako tsohle, a o makaletse.

17. A tla o binela kodi-ya-malla, a re:“ <O ripitlilwe jwangwena motse o tummeng,oo baahi ba wonae leng banna ba lewatle,wena o neng o le sehanyata,sehanyata lewatleng,o le sehanyatammoho le baahi ba hao?Bohle ba phelang lewatlengba a o tshaba!

18. Jwale dihlekehleke di a thothomela,di thothomelaka tsatsi la ho wa ha hao;lewatleng dihlekehleke di tshohile,di tshohile ka baka la ho wa ha hao.> ”

19. Morena Modimo o bua tjena: “Etlare ha ke o etsa nanaola jwaloka motse o hlokang baahi, ke o tebisa lewatleng, metsi a o kwahela,

20. ke tla o theolela tlase, hammoho le ba theohelang tlase mohohlong, ho setjhaba sa boholoholo. Ke tla o dudisa lefatsheng le katlase, masuping a boholoholo, mmoho le ba theohelang tlase mohohlong. Ha o ka ke wa hlola o kgutla teng kapa o eba le kabelo lefatsheng la ba phelang.

21. Ke tla o fedisa ka mokgwa o tshabehang, mme ha o sa tla hlola o eba teng. Ba tla o batla, empa ba ke ke ba hlola ba sa o fumana, ho rialo Morena.”

Esekiele 26