Esekiele 24:4-9 BIBELE (SSO89SO)

4. Pheha nama ka yona,o phehe nama e nonneng,nama ya serope le ya sephaka,o phehe le mashwetla a yona;

5. tsena e be tsa nku e kgethehileng,e kgethehileng kahara mohlape.Beseletsa pitsa ena e bele,nama e be e tswe masapong.

6. “ <Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena:“ <Ho madimabemotse o tshollang madi,o kang pitsa e tletseng mafoome,pitsa e sa ke be e falwe!Tshola maqa a ka pitseng,o a tshole ka bonngwe,o a tshole o sa a laole ka lotho.

7. “ <Motseng ona madi a ne a tshollwe,a tshollelwa hodima lefika,a se ke a tshollelwa fatshe,fatshe moo a neng a ka monyela.

8. Ho tsosa kgalefo le boiphetetso ba ka,ke ile ka a tlohela hodima lefika,moo a neng a ke ke a pateha.

9. “ <Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena:“ <Ho madimabemotse o tshollang madi,ke tla o rwallela hlaba ya patsi!

Esekiele 24