Esekiele 24:14-18 BIBELE (SSO89SO)

14. “ <Ke nna Morena ya buileng. Nako ya hore ke nke bohato e fihlile, nke ke ka o utlwela bohloko, leha e le ho o hauhela. O tla ahlolwa ho ya ka boitshwaro ba hao le diketso tsa hao, ho rialo Morena.> ”

15. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

16. “Wena ngwana motho, ka ho panya ha ntshi ke tla o amoha mosadi wa hao, e leng moratuwa wa hao e moholo. Leha ho le jwalo o se ke wa lla, kapa wa bokolla, kapa wa keleketla dikeledi.

17. O fehelwe o ntse o kgutsitse, o se ke wa llela bafu. O nne o rwale moqhaka wa hao hloohong ya hao, le meqathatso ya hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao kapa wa ja dijo tse etseditsweng ba bofifing.”

18. Kahoo ka bua le setjhaba hoseng, mantsiboya mosadi wa ka a hlokahala. Ka la hosasane ka etsa kamoo ke neng ke laetswe kateng.

Esekiele 24