Esekiele 24:11-16 BIBELE (SSO89SO)

11. Bea pitsa e feela hodima mashala,e be e tjhese,those la yona le tlerefale,ditshila tsa yona di qhibidihe kahare,mafoome a yona a tjheswe ke mollo.

12. Matsapa wohle a lekilwe, a hlotswe,e kganathetse mafoome,a hana ho tloha,ke mollo feelao ka tsebang ho a tlosa.

13. “ <Ditshila tsa hao ke bokgopo, hobane ke lekile ho o hlwekisa, empa ditshila tseo tsa hao ha di a ka tsa tloha. O ke ke wa hlola o hlweka ho fihlela kgalefo ya ka e kokobela.

14. “ <Ke nna Morena ya buileng. Nako ya hore ke nke bohato e fihlile, nke ke ka o utlwela bohloko, leha e le ho o hauhela. O tla ahlolwa ho ya ka boitshwaro ba hao le diketso tsa hao, ho rialo Morena.> ”

15. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

16. “Wena ngwana motho, ka ho panya ha ntshi ke tla o amoha mosadi wa hao, e leng moratuwa wa hao e moholo. Leha ho le jwalo o se ke wa lla, kapa wa bokolla, kapa wa keleketla dikeledi.

Esekiele 24