Esekiele 23:36-45 BIBELE (SSO89SO)

36. Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o tla ahlola Ohola le Oholeba? Ba hlokomedise diketso tsa bona tse manyala.

37. Ba entse bohlola, ba kganathetse madi matsohong. Ba entse bohlola le medingwana ya bona ya bohata; ba bile ba etseditse medingwana eo mahlabelo a setjheso ka bana bao ba ntswaletseng bona.

38. Le nna ba nkentse tjena: Ka lona tsatsi leo ba silafaditse Sehalalelo sa ka, ba hlompholla Disabatha tsa ka.

39. Hona mohla ba neng ba etsetsa medingwana ya bohata mahlabelo a setjheso ka bana ba bona, ba ile ba kena ka Sehalalelong sa ka, ba se silafatsa. Sena ke sona seo ba se entseng ka Tempeleng ya ka.

40. “Ba bile ba roma maqosa ho lata banna ba tswang hole, mme ha ba fihla o ile wa ya tola, wa kgabisa dintshi tsa hao, wa nto rwala mabenyane a hao.

41. Wa dula betheng e butshabutsha, kapele ho yona ho beilwe tafole e nang le mokubetso le ole ya ka.

42. “Lerata la letshwele le iketlileng le ne le hlabile hodimo, ho latilwe le matahwa a tswang lehwatateng, ho tla kopana le banna ba motse. Ba fihla ba rwesa mosadi le ngwanabo dipetja matsohong le meqhaka e metle dihloohong.

43. Yaba ke bua ka ya tsofaletseng bohloleng, ke re: <A ba ke ba mo etse seotswa, hobane efela e le sona!>

44. Yaba ba robala le yena, ba robala le basadi bao ba kgopo, e leng Ohola le Oholeba, jwalokaha banna ba robala le mosadi wa seotswa.

45. Empa banna ba lokileng ba tla ba ahlola ka kotlo ya basadi ba difebe le babolai, kahobane ba a feba, mme matsoho a bona a kganathetse madi.

Esekiele 23