23. Bao ke bara ba Babilona, le Bakalatiya bohle, banna ba Pekode le Showa le Kowa, le Baasiria bohle ba nang le bona. Ke bahlankana ba ditjaka, babusi le balaodi le bahlabani le mahosana a tummeng, bao kaofela ha bona ba palamang dipere.
24. Ba tla o futuhela ka dibetsa le ka dikariki tsa ntwa, le ka makoloi, le ka lebotho la bahlabani; ba o futuhele ka dithebe le ka dithejana, ba rwetse dikatiba tsa tshepe, ba etswa hohle. Ke tla ba nea matla a ho ahlola, mme ba tla o ahlola ho ya ka dikahlolo tsa bona.
25. Ke tla o halefela haholo, mme le bona ba tla o halefela haholo. Ba tla o shoqola dinko le ditsebe, masalla a hao ba a bolaye ka sabole. Ba tla thopa bara le baradi ba hao, ba tjhese masalla a hao ka mollo.
26. Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba nke le mabenyane a hao.
27. Ka mokgwa o jwalo ke tla fedisa bokgopo ba hao, le bootswa boo o bo qadileng naheng ya Egepeta. Ha o sa tla hlola o bona dintho tsena, leha e le hona ho hlolohelwa Egepeta hape.
28. “Morena Modimo o bua tjena: Ke se ke tla neelana ka wena matsohong a bao o ba hloileng, o ba nyonyang, mme o ba furaletseng.
29. Ba tla o phedisa ka lehloyo, ba o amohe tsohle tseo o itshebeleditseng tsona, ba o siye o tsotse, o le feela, mme dihlong tsa bootswa ba hao di bonahale. Bokgopo le bootswa ba hao
30. ke tsona tse o dihetseng, hobane o ile wa tjhatjhehela baditjhaba, wa itshilafatsa ka medingwana ya bona ya bohata.
31. Kaha o ile wa etsisa ngwaneno, ke tla o nea mohope wa hae letsohong, o o nwe.
32. “Morena Modimo o bua tjena:“O tla nwa mohope wa ngwaneno,mohope o moholo,mohope o mothamo;ba tla o soma, ba o tlepe ditsheho,hoba mohope oo o tletse dikenkeng.
33. O tla nwa mohope wa tshabole wa timelo,mohope wa ngwaneno, wa Samaria,o be letahwa, o be mmaditsietsi.
34. O tla o ngapetsa, o o minyeletse,o o bjaramanye,o o etse maqhetswana;ka maqhetswanao itlepolake matswele.“Nna ke buile jwalo, ho rialo Morena Modimo.
35. “Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane o ile wa ntebala, wa mphuralla, o tla jara molato wa bohlola ba hao le bootswa ba hao.”
36. Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o tla ahlola Ohola le Oholeba? Ba hlokomedise diketso tsa bona tse manyala.
37. Ba entse bohlola, ba kganathetse madi matsohong. Ba entse bohlola le medingwana ya bona ya bohata; ba bile ba etseditse medingwana eo mahlabelo a setjheso ka bana bao ba ntswaletseng bona.