20. Hona moo Egepeta o ne a tjhatjhehela baratuwa ba hae, bao botona ba bona bo neng bo tshwana le maqobo a ditonki; bao peo ya bona ya bonna e neng e hoshoha jwaloka ya dipere tsa dipoho.
21. Wena Oholeba, o ile wa hlolohelwa bokgopo ba botjha ba hao, ha Baegepeta ba ne ba pholla sefuba sa hae, ba tsikinyetsa ditlhoko tsa matswele a hao.”
22. “Ka baka lena, wena Oholeba, Morena Modimo o bua tjena: Ke tla o qabanya le baratuwa ba hao, bao o ba nyonyang, o ba furaletseng; ke tla etsa hore ba o futuhele ba etswa hohle.
23. Bao ke bara ba Babilona, le Bakalatiya bohle, banna ba Pekode le Showa le Kowa, le Baasiria bohle ba nang le bona. Ke bahlankana ba ditjaka, babusi le balaodi le bahlabani le mahosana a tummeng, bao kaofela ha bona ba palamang dipere.
24. Ba tla o futuhela ka dibetsa le ka dikariki tsa ntwa, le ka makoloi, le ka lebotho la bahlabani; ba o futuhele ka dithebe le ka dithejana, ba rwetse dikatiba tsa tshepe, ba etswa hohle. Ke tla ba nea matla a ho ahlola, mme ba tla o ahlola ho ya ka dikahlolo tsa bona.