Esekiele 22:9-14 BIBELE (SSO89SO)

9. Baahi ba hao ba etseletsa ba bang, e le hore ba tle ba tsebe ho ba bolaya. Ba bang ba bona ba ja mahlabelo a etseditsweng medimo ya bohata. Ba bang ba phethahatsa ditakatso tsa bona tsa nama.

10. Ba bang ba robala le basadi ba bo-ntata bona, ba bang ba robala le basadi ba silafetseng ke lehatlelo.

11. Ba bang ba feba le basadi ba banna ba ahelaneng le bona, ba bang ba silafatsa dingwetsi tsa bona ka ho feba le tsona, ba bang ba robala le dikgaitsedi tsa bona, tse tswang mathekeng a bo-ntata bona.

12. Ba bang ba amohetse tjotjo hore ba tle ba tsholle madi, ba bang ba iphumanela tswala e fetang tekanyo, ba fumana phaello ka ho hanyapetsa ba bang, mme jwale ba ntebetse, ho rialo Morena Modimo.

13. “ <Ruri ke tla o otlela phaello eo o e entseng, ke o otlele le madi ao o a tsholotseng.

14. Na o tla hle o tiisetse, kapa o be sebete mohla ke o otlang? Ke nna Morena ya buileng, mme ke tla etsa kamoo ke buileng kateng.

Esekiele 22