Esekiele 22:14-25 BIBELE (SSO89SO)

14. Na o tla hle o tiisetse, kapa o be sebete mohla ke o otlang? Ke nna Morena ya buileng, mme ke tla etsa kamoo ke buileng kateng.

15. Ke tla o qhalanyetsa hara baditjhaba, ke o qhalanyetse le dinaheng tse ding, mme ke fedise ho silafala ha hao.

16. O itshilafaditse mahlong a baditjhaba, mme o tla tseba hore ke nna Morena.> ”

17. Yaba lentswe la Morena le fihla ho nna, le re:

18. “Wena ngwana motho, ho nna ba ntlo ya Iseraele ba fetohile manya; bohle ke lethose feela, le lekapakapa, le tshepe, le loto tse kahara sebopi; ke manya feela a silefera.

19. Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: <Kahobane lona bohle le fetohile manya, ke tla le kgobokanya Jerusalema.

20. Jwalokaha batho ba bokella silefera, le lethose, le tshepe, le loto, le lekapakapa ka seboping ho di qhibidisa ka mollo, le nna ke tla le kgobokanya kahara motse ke halefile, kgalefo ya ka e tlokoma, ke le tlohele hona teng, le qhibidihe.

21. Ruri ke tla le kgobokanya, ke le butswele ka kgalefo ya ka e tlokomang, mme le qhibidihele hona moo.

22. Jwalokaha silefera e qhibidisetswa ka seboping, le lona le tla qhibidisetswa hona moo Jerusalema, mme le tla tseba hore ke nna Morena ya hlatseditseng kgalefo ya ka hodima lona.> ”

23. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

24. “Wena ngwana motho, bolella naha ena, o re: <O naha e eso ka e nelwa ke pula, kapa mafafatsane nakong ena eo ke halefileng ka yona.>

25. Kahare ho naha ena ho na le morero wa sekgukgu, o rerwang ke baporofeta. Ba puruma jwaloka tau ha e harola nyamatsane. Ba bolaya batho, ba nke maruo a bona le thepa ya bona ya bohlokwa, mme basadi ba bangata ba fetohe bahlolohadi.

Esekiele 22