10. Ba bang ba robala le basadi ba bo-ntata bona, ba bang ba robala le basadi ba silafetseng ke lehatlelo.
11. Ba bang ba feba le basadi ba banna ba ahelaneng le bona, ba bang ba silafatsa dingwetsi tsa bona ka ho feba le tsona, ba bang ba robala le dikgaitsedi tsa bona, tse tswang mathekeng a bo-ntata bona.
12. Ba bang ba amohetse tjotjo hore ba tle ba tsholle madi, ba bang ba iphumanela tswala e fetang tekanyo, ba fumana phaello ka ho hanyapetsa ba bang, mme jwale ba ntebetse, ho rialo Morena Modimo.
13. “ <Ruri ke tla o otlela phaello eo o e entseng, ke o otlele le madi ao o a tsholotseng.
14. Na o tla hle o tiisetse, kapa o be sebete mohla ke o otlang? Ke nna Morena ya buileng, mme ke tla etsa kamoo ke buileng kateng.
15. Ke tla o qhalanyetsa hara baditjhaba, ke o qhalanyetse le dinaheng tse ding, mme ke fedise ho silafala ha hao.
16. O itshilafaditse mahlong a baditjhaba, mme o tla tseba hore ke nna Morena.> ”
17. Yaba lentswe la Morena le fihla ho nna, le re:
18. “Wena ngwana motho, ho nna ba ntlo ya Iseraele ba fetohile manya; bohle ke lethose feela, le lekapakapa, le tshepe, le loto tse kahara sebopi; ke manya feela a silefera.
19. Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: <Kahobane lona bohle le fetohile manya, ke tla le kgobokanya Jerusalema.
20. Jwalokaha batho ba bokella silefera, le lethose, le tshepe, le loto, le lekapakapa ka seboping ho di qhibidisa ka mollo, le nna ke tla le kgobokanya kahara motse ke halefile, kgalefo ya ka e tlokoma, ke le tlohele hona teng, le qhibidihe.
21. Ruri ke tla le kgobokanya, ke le butswele ka kgalefo ya ka e tlokomang, mme le qhibidihele hona moo.