4. Erekaha ke tla bolaya ba lokileng le ba kgopo, sabole ya ka e tla tswa selateng sa yona, e bolaye batho bohle, ho tloha borwa ho isa leboya.
5. Batho bohle ba tla tseba hore ke nna Morena, ya ntshitseng sabole ya ka selateng sa yona, mme ha e ka ke ya hlola e kgutlela ka ho sona.>
6. “Ka baka lena, fehelwa wena ngwana motho! Fehelwa ka pelo e bohloko le ka maswabi a maholo moo ba ntseng ba o bona.
7. E tle ere ha ba o botsa, ba re: <O fehellwang?> wena o tle o ba arabe, o re: <Ke ka baka la ditaba tse tlang. Dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole, sebete sohle se fele, le mangwele wohle a otlane ke letswalo.> Taba tsena di a tla! Di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.”
8. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:
9. “Wena ngwana motho, porofeta, o re: <Morena o bua tjena:“ <Sabole ke eo! Sabole ke eo!E leoditswe ya ba ya tshotswa.
10. E leoditswe hore e tle e etse mofela,ya tshotswahore e phatsime sa lehadima!“ <Na re lokela ho nyakalla, re thabe?Tjhaba sa ka se ile sa nyedisa,sa nyedisa dikotlo le dikeletso tsohle.
11. “ <Sabole e ntshitswe,e ntsheditswe ho tshotswa,hore e tshwarwe,e tiye ka letsohong;e leoditswe ya ba ya tshotswa,hore e newe mmolai ka letsohong.
12. Bokolla, o howeletse,wena ngwana motho,hoba sabole e tlela setjhaba sa ka,e tlela mahosana a Iseraele.Matshabeho a tliswang ke sabolea tla wela setjhaba sa ka hodimo,a wele le mahosana a sona hodimo.Swaba, o kebise hlooho ya hao!
13. “ <Tjhaba sena sa kake se bea tekong;haeba se fela se hana ho baka,tsena tsohle di tla etsahala ho sona,ho rialo Morena Modimo.>
14. “Porofeta, ngwana motho,o be o ope diatla,sabole e hlathe habedi,e hlathe hararo,sabole ya ho ba bolayae ba etsa mofela,e ba etseditse sakana-la-nkope.
15. Ke beile sabolekgorong tsohle tsa bona,hore pelo tsa bonadi tle di nyahame,ba bangata ba bonaba kgothometsehe, ba we.Jo! e tsekema jwaloka lehadima,e tshotseditswe hore e tle bolaye.
16. Wena sabole e bohale,hlatha ka ho le letona,o hlathe ka ho le letshehadi,hohle moo o shebileng teng o hlathe.