Esekiele 21:25-32 BIBELE (SSO89SO)

25. “ <Wena kgosana e silafetseng, e kgopo ya Iseraele, letsatsi la kotlo ya hao le se le fihlile, mme bophelo ba hao bo kgopo bo tla fela!

26. Kahoo Morena Modimo o bua tjena: Rola moqhaka, o role le wona mofapahlooho. Ditaba ha di sa tla ema jwaloka pele: Ba ikokobeditseng ba tla phahamiswa, empa ba iphahamisitseng ba tla kokobetswa.

27. Lesupi! Lesupi! Motse ona ke tla o etsa lesupi! Ha o ka ke wa tsoswa ho fihlela eo e leng monga wona a fihla, ebe ke mo nea wona.>

28. “Wena ngwana motho, porofeta, o re: <Morena Modimo o bua tjena ka Baamone le mahlapa a bona:“ <Sabole! Sabole!E ntshitswe selateng ho bolaya,ya tshotswa hore e timetse,e phatsime sa lehadima.

29. Dipono tsa lona ke tsa bohata,bonohe ba lona ke ba leshano,bo reng ka sabole le hlathe,le hlathe melala ya ba babe,le hlathe le ya ba kgopo,ba fihletsweg ke pheletso ya bona,bokgopo ba bona ebe bo a fela.

30. Busetsa sabole selateng sa yona,ke tla o ahlolela naheng ya heno,naheng eo o tswaletsweng ho yona.

31. Ke tla hlatsa kgalefo ya ka,ke e hlatsetse hodima hao,bohale ba ka bo tuke malakabe,ke neelane ka wena ho ba sehloho,bao e leng ditsebi tsa ho timetsa.

32. O tla tjheswa ke mollo, o bo timele,madi a haoa tshollelwe naheng ya heno;ha o ka ke wa hlola o sa hopolwa,hobane nna ke leng Morena,ke buile.> ”

Esekiele 21