23. Setjhaba sa Jerusalema ha se ka ke sa kgolwa taba ena ka baka la dilekane tseo se di entseng. Empa boporofeta bona ke bo se hopotsang dibe tsa sona, le ho se hlokomedisa hore se tla thopuwa.
24. “Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: <Kahobane le entse hore ke se ke ka lebala dibe tsa lona ka ho mphetohela, mme dibe tseo tsa lona di pepesitswe ke diketso tsohle tsa lona; kahobane le entse hore ke se ke ka le lebala, le tla iswa bothopuweng.
25. “ <Wena kgosana e silafetseng, e kgopo ya Iseraele, letsatsi la kotlo ya hao le se le fihlile, mme bophelo ba hao bo kgopo bo tla fela!
26. Kahoo Morena Modimo o bua tjena: Rola moqhaka, o role le wona mofapahlooho. Ditaba ha di sa tla ema jwaloka pele: Ba ikokobeditseng ba tla phahamiswa, empa ba iphahamisitseng ba tla kokobetswa.
27. Lesupi! Lesupi! Motse ona ke tla o etsa lesupi! Ha o ka ke wa tsoswa ho fihlela eo e leng monga wona a fihla, ebe ke mo nea wona.>
28. “Wena ngwana motho, porofeta, o re: <Morena Modimo o bua tjena ka Baamone le mahlapa a bona:“ <Sabole! Sabole!E ntshitswe selateng ho bolaya,ya tshotswa hore e timetse,e phatsime sa lehadima.