17. Le nna diatla tsa ka ke tla di opa,ebe kgalefo ya ka ya kokobela.Ke nna Morena ya buileng.”
18. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:
19. “Wena ngwana motho, etsa ditsela tse pedi, tseo sabole ya kgosi ya Babilona e tla tla ka tsona. Bobedi ba ditsela tseo di qale naheng e le nngwe. O etse letshwao le bontshang moo tsela e kgelohelang motseng teng.
20. O etse tsela e le nngwe eo kgosi e tla futuhela motse wa Raba wa Baamone ka yona, le e nngwe eo kgosi e tla futuhela motse wa Juda le motse o haheleditsweng wa Jerusalema ka yona.
21. Kgosi ya Babilona e tla emisa mateanong a ditsela, e emise mateanong a tsela tse pedi ho batla tsela. E tla laola ka ho etsa lotho ka metsu, e botse medimo ya yona ya lelapa, e hlahlobe sebete sa phoofolo e hlabilweng.
22. Motsu o ka letsohong la yona le letona o tla supa Jerusalema, moo kgosi e tla isa ditshetlo teng, e laele hore ho bolawe, ho hlajwe mokgosi wa ntwa, ho bewe ditshetlo dikgorong tsa motse, ho hahwe marako, ho etsetswe motse thibella.
23. Setjhaba sa Jerusalema ha se ka ke sa kgolwa taba ena ka baka la dilekane tseo se di entseng. Empa boporofeta bona ke bo se hopotsang dibe tsa sona, le ho se hlokomedisa hore se tla thopuwa.
24. “Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: <Kahobane le entse hore ke se ke ka lebala dibe tsa lona ka ho mphetohela, mme dibe tseo tsa lona di pepesitswe ke diketso tsohle tsa lona; kahobane le entse hore ke se ke ka le lebala, le tla iswa bothopuweng.