Esekiele 21:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

2. “Wena ngwana motho, tadima Jerusalema, o nyatse dibaka tse halalelang. Porofetela naha ya Iseraele.

3. O bolelle naha eo ya Iseraele, o re: <Morena o bua tjena: Bona, ke a o lwantsha, mme ke tla tsomula sabole ya ka selateng sa yona, ke bolaye baahi ba hao ba lokileng le ba kgopo.

4. Erekaha ke tla bolaya ba lokileng le ba kgopo, sabole ya ka e tla tswa selateng sa yona, e bolaye batho bohle, ho tloha borwa ho isa leboya.

5. Batho bohle ba tla tseba hore ke nna Morena, ya ntshitseng sabole ya ka selateng sa yona, mme ha e ka ke ya hlola e kgutlela ka ho sona.>

6. “Ka baka lena, fehelwa wena ngwana motho! Fehelwa ka pelo e bohloko le ka maswabi a maholo moo ba ntseng ba o bona.

7. E tle ere ha ba o botsa, ba re: <O fehellwang?> wena o tle o ba arabe, o re: <Ke ka baka la ditaba tse tlang. Dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole, sebete sohle se fele, le mangwele wohle a otlane ke letswalo.> Taba tsena di a tla! Di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.”

8. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

Esekiele 21