44. Lona ba ntlo ya Iseraele, le tla tseba hore ke nna Morena, ha ke le etsetsa tsena ka baka la ho boulela lebitso la ka, e seng ho ya ka tsela tsa lona tse kgopo, kapa ka diketso tsa lona tse mpe, ho rialo Morena Modimo.> ”
45. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:
46. “Wena ngwana motho, tadima borwa, o rute, o hanyetse naha e ka borwa, o porofetele moru wa naha e ka borwa.
47. Ere ho moru o ka borwa: <Mamela lentswe la Morena. Morena Modimo o bua tjena: Ke lekgatheng la ho hotetsa mollo o tla tjhesa difate tsa hao tsohle tse talana, le tse omeletseng. Lelakabe le laimang ha le ka ke la tingwa, le tla tjhesa bohle ho tloha borwa ho ya leboya.
48. Batho bohle ba tla bona hore ke nna Morena ya o hoteditseng; ha o ka ke wa tingwa.> ”