Esekiele 20:41-44 BIBELE (SSO89SO)

41. Ha ke se ke le ntshitse hara baditjhaba, ke le phuthile dinaheng tsohle tseo ke neng ke le qhalanyeditse ho tsona, ke tla le amohela le le mokubetso o monko o monate, mme ka lona ke bonahatse kgalalelo ya ka ho ditjhaba.

42. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena, ha ke le fihlisa naheng ya Iseraele, naha eo ke hlapantseng ka re ke tla e nea bo-ntata lona.

43. Hona moo le tla hopola boitshwaro ba lona le diketso tsa lona tsohle, tseo le ileng la itshilafatsa ka tsona, mme le tla inyonya ka baka la bobe bohle boo le bo entseng.

44. Lona ba ntlo ya Iseraele, le tla tseba hore ke nna Morena, ha ke le etsetsa tsena ka baka la ho boulela lebitso la ka, e seng ho ya ka tsela tsa lona tse kgopo, kapa ka diketso tsa lona tse mpe, ho rialo Morena Modimo.> ”

Esekiele 20