Esekiele 20:3-11 BIBELE (SSO89SO)

3. “Wena ngwana motho, bua le baholo ba Iseraele, o re ho bona: <Morena Modimo o bua tjena: Na le tlile ho mpotsa? Ke a le hlapanyetsa, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.>

4. “Na o tla ba ahlola, wena ngwana motho? Na o tla ba ahlola? Ba bolelle manyala ao bo-ntata bona ba a entseng,

5. o re ho bona: <Morena Modimo o bua tjena: Mohla ke neng ke kgetha Iseraele, ke ile ka hlapanyetsa ditloholo tsa ntlo ya Jakobo, ka ba ka iponahatsa ho tsona ha di le naheng ya Egepeta. Ka bua le tsona ke phahamisitse letsoho la ka, ka re: “Ke nna Morena Modimo wa lona.”

6. Mohlang oo ke ne ke di hlapanyetse hore ke tla di ntsha naheng ya Egepeta, ke di ise naheng eo ke di kgethetseng yona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, e fetang dinaha tsohle ka botle.

7. Yaba ke re ho ditloholo tseo: “Motho ka mong a furalle manyala a hohelang mahlo a hae, mme le se ke la itshilafatsa ka medingwana ya bohata ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.”

8. “ <Empa ba ile ba mphetohela, ba se ke ba mmamela; motho ka mong a hana ho furalla manyala a hohelang mahlo a hae, leha e le hona ho furalla medingwana ya bohata ya Egepeta. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona, hona naheng eo ya Egepeta.

9. Empa ka boulela lebitso la ka, hore le se ke la silafatswa mahlong a ditjhaba tseo ba neng ba phela hara tsona, ka iponahatsa ho Baiseraele ka ho ba ntsha naheng ya Egepeta, moo ditjhaba tseo di ntseng di bona.

10. “ <Ka baka lena, ke ile ka ba ntsha naheng ya Egepeta, ka ba isa lehwatateng.

11. Ke ile ka ba nea ditaelo tsa ka, ka ba ruta melao eo ereng ha motho a e boloka a phele.

Esekiele 20