Esekiele 20:29-37 BIBELE (SSO89SO)

29. Yaba ke re ho bona: Dibaka tseo tsa borapedi, tseo le yang ho tsona, ke eng?> ” Le kajeno-ya-bokajeno dibaka tseo di bitswa Dibaka tsa Borapedi.

30. “Ka baka lena, ere ho ba ntlo ya Iseraele: <Morena Modimo o bua tjena: Na le tla itshilafatsa jwaloka bo-ntata lona, le kgumamele medimo ya bona e nyonyehang?

31. Ha le etsa dinyehelo ka dimpho tsa lona, le etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba lona, le ntse le tswela pele ho itshilafatsa ka medingwana ya lona ya bohata ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, na lona ba ntlo ya Iseraele ke tla le dumella ho mpotsa? Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.

32. “ <Le re: “Re rata ho ba jwaloka baditjhaba, re be jwaloka baahi ba dinaha tse ding ba kgumamelang lehong le lejwe.” Empa seo le se nahanang ha se ka ke sa etsahala.

33. “ <Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ruri ke tla le busa ka letsoho le matla, le otlolohileng, ke hlatsetse kgalefo ya ka hodima lona.

34. Ke tla le ntsha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tseo ke neng ke le qhalanyeditse ho tsona ka letsoho la ka le matla, le otlolohileng, ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima lona.

35. Ke tla le tlisa Lehwatateng la Ditjhaba, mme hona teng ke le ahlole fahleho di tadimane.

36. Jwalokaha ke ile ka ahlola bo-ntata lona lehwatateng la naha ya Egepeta, le lona ke tla le ahlola, ho rialo Morena Modimo.

37. “ <Ke tla le busa ka thata, ke etse hore le ikokobeletse selekane sa ka.

Esekiele 20