Esekiele 20:25-42 BIBELE (SSO89SO)

25. “ <Ka ba nea le ditaelo tse sa lokang, le melao e neng e ke ke ya ba phedisa.

26. Ka ba tlohela ba itshilafatsa ka dimpho tsa bona, ba etsa sehlabelo sa setjheso ka matsibolo a bona, e le hore ba tle ba tshabe, mme ba tsebe hore ke nna Morena.>

27. “Ka baka lena, wena ngwana motho, bolella setjhaba sa Iseraele, o re ho sona: <Morena Modimo o bua tjena: Bo-ntata lona ba ile ba nnyefola, ba mphuralla.

28. Hoba ke ba fihlise naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba nea yona, ba ile ba etsetsa mahlabelo a bona dibakeng tsohle tsa borapedi, le tlasa difate tsohle tse talana. Ba ile ba mphephetsa ka dinyehelo tsa bona hore ke ba halefele. Ba tjhesa mokubetso wa bona o monko o monate, ba etsa dinyehelo tsa bona tsa dino.

29. Yaba ke re ho bona: Dibaka tseo tsa borapedi, tseo le yang ho tsona, ke eng?> ” Le kajeno-ya-bokajeno dibaka tseo di bitswa Dibaka tsa Borapedi.

30. “Ka baka lena, ere ho ba ntlo ya Iseraele: <Morena Modimo o bua tjena: Na le tla itshilafatsa jwaloka bo-ntata lona, le kgumamele medimo ya bona e nyonyehang?

31. Ha le etsa dinyehelo ka dimpho tsa lona, le etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba lona, le ntse le tswela pele ho itshilafatsa ka medingwana ya lona ya bohata ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, na lona ba ntlo ya Iseraele ke tla le dumella ho mpotsa? Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.

32. “ <Le re: “Re rata ho ba jwaloka baditjhaba, re be jwaloka baahi ba dinaha tse ding ba kgumamelang lehong le lejwe.” Empa seo le se nahanang ha se ka ke sa etsahala.

33. “ <Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ruri ke tla le busa ka letsoho le matla, le otlolohileng, ke hlatsetse kgalefo ya ka hodima lona.

34. Ke tla le ntsha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tseo ke neng ke le qhalanyeditse ho tsona ka letsoho la ka le matla, le otlolohileng, ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima lona.

35. Ke tla le tlisa Lehwatateng la Ditjhaba, mme hona teng ke le ahlole fahleho di tadimane.

36. Jwalokaha ke ile ka ahlola bo-ntata lona lehwatateng la naha ya Egepeta, le lona ke tla le ahlola, ho rialo Morena Modimo.

37. “ <Ke tla le busa ka thata, ke etse hore le ikokobeletse selekane sa ka.

38. Ba mphetohelang, ba mphurallang, ke tla ba tlosa hara lona. Le hoja ke tla ba ntsha naheng eo ba phelang ho yona, ba ke ke ba hlola ba kena naheng ya Iseraele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.

39. “ <Ha e le lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Modimo o bua tjena: Motho ka mong a ye, a sebeletse modingwana wa hae wa bohata! Empa hamorao le tla nkgopola; ha le sa tla hlola le silafatsa lebitso la ka le halalelang ka dimpho tsa lona le ka medingwana ya lona ya bohata.

40. Bohle ba ntlo ya Iseraele ba tla ntshebeletsa hodima thaba ya ka e halalelang, e leng thaba e phahameng ya Iseraele, mme ke tla ba amohella teng, ho rialo Morena Modimo. Hona moo ke tla batla dinyehelo tsa lona tsa dilopotsiya tsa lona, hammoho le dimpho tsohle tsa lona, tse halalelang.

41. Ha ke se ke le ntshitse hara baditjhaba, ke le phuthile dinaheng tsohle tseo ke neng ke le qhalanyeditse ho tsona, ke tla le amohela le le mokubetso o monko o monate, mme ka lona ke bonahatse kgalalelo ya ka ho ditjhaba.

42. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena, ha ke le fihlisa naheng ya Iseraele, naha eo ke hlapantseng ka re ke tla e nea bo-ntata lona.

Esekiele 20