Esekiele 20:11-24 BIBELE (SSO89SO)

11. Ke ile ka ba nea ditaelo tsa ka, ka ba ruta melao eo ereng ha motho a e boloka a phele.

12. Ka ba nea le Disabatha tsa ka hore e be sesupo pakeng tsa ka le bona, ba tle ba tsebe hore ke nna Morena ya ba halaletsang.

13. “ <Empa setjhaba sa Iseraele se ile sa mphetohela ha se le lehwatateng. Ha se a ka sa boloka ditaelo tsa ka, se ile sa nyedisa melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Baiseraele ba ile ba silafatsa Disabatha tsa ka hampe. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ke ba timeletse hona moo lehwatateng.

14. Empa ka boulela lebitso la ka, hore le se ke la silafatswa mahlong a baditjhaba ba boneng ha ke ntsha Baiseraele naheng ya Egepeta.

15. Empa hona moo lehwatateng ka ba hlapanyetsa, ka re ha nka ke ka ba isa naheng eo ke ba neileng yona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, e fetang dinaha tsohle ka botle.

16. Ke kahobane ba nyedisitse melao ya ka, ha ba a ka ba boloka ditaelo tsa ka, ba silafaditse Disabatha tsa ka, mme dipelo tsa bona di hapilwe ke medingwana ya bohata.

17. “ <Leha ho le jwalo ke ile ka ba hauhela, ka se ke ka ba timetsa, kapa hona ho ba fedisa, ha ba le lehwatateng.

18. Empa ke ile ka re ho bana ba bona ha ba le lehwatateng: “Le se ke la tsamaya ka ditaelo tsa bontata lona, kapa la mamela melao ya bona, kapa la itshilafatsa ka medingwana ya bohata.

19. Ke nna Morena Modimo wa lona; tsamayang ka ditaelo tsa ka, le hlokomele ho mamela melao ya ka.

20. Halaletsang Disabatha tsa ka, hore e tle e be sesupo pakeng tsa ka le lona. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.”

21. “ <Empa le bana ba bona ba mphetohetse: Ha ba a ka ba tsamaya ka ditaelo tsa ka, ha ba a ka ba hlokomela ho mamela melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Ba silafaditse le Disabatha tsa ka. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona hona moo lehwatateng.

22. Empa ka baka la ho boulela lebitso la ka hore le se ke la silafatswa mahlong a ditjhaba tse boneng ha ke ntsha Baiseraele naheng ya Egepeta, ha ke a ka ka ba isa letsoho.

23. Ke ile ka ba hlapanyetsa ha ba le lehwatateng, hore ke tla ba qhalanya hara baditjhaba, ke ba hasanye hara dinaha,

24. hobane ha ba a ka ba phetha melao ya ka, ba nyedisitse ditaelo tsa ka, ba silafatsa Disabatha tsa ka, ba sebeletsa medingwana ya bo-ntata bona ya bohata.

Esekiele 20