Esekiele 20:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bohlano selemong sa bosupa, ba bang ba baholo ba Iseraele ba tla botsa Morena, mme ba dula fatshe kapele ho nna.

2. Yaba lentswe la Morena le fihla ho nna, le re:

3. “Wena ngwana motho, bua le baholo ba Iseraele, o re ho bona: <Morena Modimo o bua tjena: Na le tlile ho mpotsa? Ke a le hlapanyetsa, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.>

4. “Na o tla ba ahlola, wena ngwana motho? Na o tla ba ahlola? Ba bolelle manyala ao bo-ntata bona ba a entseng,

5. o re ho bona: <Morena Modimo o bua tjena: Mohla ke neng ke kgetha Iseraele, ke ile ka hlapanyetsa ditloholo tsa ntlo ya Jakobo, ka ba ka iponahatsa ho tsona ha di le naheng ya Egepeta. Ka bua le tsona ke phahamisitse letsoho la ka, ka re: “Ke nna Morena Modimo wa lona.”

6. Mohlang oo ke ne ke di hlapanyetse hore ke tla di ntsha naheng ya Egepeta, ke di ise naheng eo ke di kgethetseng yona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, e fetang dinaha tsohle ka botle.

Esekiele 20