1. Lentswe la re ho nna: “Wena ngwana motho, ema ka maoto, mme ke tla bua le wena.”
2. Ha lentswe le ntse le bua, Moya wa kena ka ho nna, wa mphahamisa, ka ema ka maoto, ka utlwa le bua ho nna.
3. La re ho nna: “Wena ngwana motho, ke o roma ho bana ba Iseraele, e leng setjhaba sa bafetohedi, se ileng sa mphetohela; sona le bo-ntata sona haesale se mphetohela ho fihlela kajeno.
4. Setjhaba seo ke o romang ho sona se manganga, se pelo di thata. Ere ho sona: <Morena Modimo o bua tjena.>
5. Ebang se a o mamela kapa ha se o mamele hobane ke setjhaba se mphetohetseng, feela se tla tseba hore moporofeta o bile teng hara sona.
6. Ha e le wena ngwana motho, o se ke wa se tshaba, kapa wa tshoha dipolelo tsa sona. O se ke wa se tshaba leha o ka teelwa hare ke tshehlo le meutlwa, wa phela hara diphepheng. O se ke wa tshaba seo se se buang kapa sa o tshosa, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.
7. O se bolelle mantswe a ka, ebang se a mamela kapa ha se mamele, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.
8. Empa wena ngwana motho, o mamele seo ke o bolellang sona. O se ke wa mphetohela jwaloka setjhaba seo se mphetohetseng. Ahlama, o je seo ke tla o nea sona.”
9. Yare ha ke tadima ka bona letsoho le otlolletswe ho nna. Le ne le tshwere buka
10. eo le ileng la e phetla kapele ho nna. Ka mahlakoreng a yona a mabedi ho ne ho ngotswe mantswe a kodi-ya-malla, a bofifi le a bomadimabe.