6. Dinyane la feresakahara ditau tse kgolo,la hola, la ba la fetoha tawana;tawana ya ithuta ho tsomale ho harola,ya harola, ya eba sejabatho.
7. Qhobosheane tsa bona ya di heletsa,metse ya bona le yona ya e ripitla.Baahi bohle ba naha eo ba tshoha,ba tshoswa ke tawana ha e puruma.
8. Yaba tjhaba di futuhela tawana,tsa e futuhela di etswa kahohle;tsa e tjhehela leraba e tle e tshwaswe,mme ya wela ka lemeneng la tsona.
9. Tsa e kenya ka mokibenge le mahlaahlela,tsa e isa ho kgosi ya Babilona;tsa a hlahlela ka tjhankanengho puruma ha yonaho se ke ha utlwahala,ho se utlwahale thabeng tsa Iseraele.
10. “ <Mmao o ne a ka sefate,sefate sa morara,fate se lenngwengpela metsi a nwesetsang,sa beha haholo,makala a etsa makgasikgasi.
11. Makala a sona a nyanya hantle,a etsetsa babusi mare a puso;fate sa hola, sa lopalla hara makala,sa lopalla, sa ebesela makala.
12. Empa sa fotholwa ka kgalefo,sa fotholwa, sa dihelwa fatshe;moya wa botjhabelawa omeletsa tholwana tsa sona,makala a sona a nyantsenga ba a robeha,a omella, mollo wa a tjhesa,wa a fedisa.
13. Kajeno fate senase lenngwe hara lehwatata,mobung o omeletseng, sebataolong.
14. Kutung ya sefateho ile ha qhoma mollo,wa tjhesa makala,wa tjhesa le tholwana tsa sona;kahoo makala a nyantsengha se na wona,ha se na le le ka etsang lere la puso.>“Ena ke yona kodi-ya-malla, mme e tla nne e be kodi-ya-malla.”