Esekiele 19:4-14 BIBELE (SSO89SO)

4. Yaba ditjhaba di utlwela ka yona,tsa e tjheha,ya wela ka lemeneng la tsona,tsa e tlama ka mahlaahlela,tsa e isa naheng ya Egepeta.

5. β€œ <Ha tauhadi e bonahore e lebeletse lelea,tshepo ya yona e se e bile e fedile,ya nka le leng la madinyane a yona,ya le hodisa, la fetoha tawana.

6. Dinyane la feresakahara ditau tse kgolo,la hola, la ba la fetoha tawana;tawana ya ithuta ho tsomale ho harola,ya harola, ya eba sejabatho.

7. Qhobosheane tsa bona ya di heletsa,metse ya bona le yona ya e ripitla.Baahi bohle ba naha eo ba tshoha,ba tshoswa ke tawana ha e puruma.

8. Yaba tjhaba di futuhela tawana,tsa e futuhela di etswa kahohle;tsa e tjhehela leraba e tle e tshwaswe,mme ya wela ka lemeneng la tsona.

9. Tsa e kenya ka mokibenge le mahlaahlela,tsa e isa ho kgosi ya Babilona;tsa a hlahlela ka tjhankanengho puruma ha yonaho se ke ha utlwahala,ho se utlwahale thabeng tsa Iseraele.

10. β€œ <Mmao o ne a ka sefate,sefate sa morara,fate se lenngwengpela metsi a nwesetsang,sa beha haholo,makala a etsa makgasikgasi.

11. Makala a sona a nyanya hantle,a etsetsa babusi mare a puso;fate sa hola, sa lopalla hara makala,sa lopalla, sa ebesela makala.

12. Empa sa fotholwa ka kgalefo,sa fotholwa, sa dihelwa fatshe;moya wa botjhabelawa omeletsa tholwana tsa sona,makala a sona a nyantsenga ba a robeha,a omella, mollo wa a tjhesa,wa a fedisa.

13. Kajeno fate senase lenngwe hara lehwatata,mobung o omeletseng, sebataolong.

14. Kutung ya sefateho ile ha qhoma mollo,wa tjhesa makala,wa tjhesa le tholwana tsa sona;kahoo makala a nyantsengha se na wona,ha se na le le ka etsang lere la puso.>β€œEna ke yona kodi-ya-malla, mme e tla nne e be kodi-ya-malla.”

Esekiele 19