Esekiele 19:10-14 BIBELE (SSO89SO)

10. “ <Mmao o ne a ka sefate,sefate sa morara,fate se lenngwengpela metsi a nwesetsang,sa beha haholo,makala a etsa makgasikgasi.

11. Makala a sona a nyanya hantle,a etsetsa babusi mare a puso;fate sa hola, sa lopalla hara makala,sa lopalla, sa ebesela makala.

12. Empa sa fotholwa ka kgalefo,sa fotholwa, sa dihelwa fatshe;moya wa botjhabelawa omeletsa tholwana tsa sona,makala a sona a nyantsenga ba a robeha,a omella, mollo wa a tjhesa,wa a fedisa.

13. Kajeno fate senase lenngwe hara lehwatata,mobung o omeletseng, sebataolong.

14. Kutung ya sefateho ile ha qhoma mollo,wa tjhesa makala,wa tjhesa le tholwana tsa sona;kahoo makala a nyantsengha se na wona,ha se na le le ka etsang lere la puso.>“Ena ke yona kodi-ya-malla, mme e tla nne e be kodi-ya-malla.”

Esekiele 19