1. “Llela mahosana a Iseraele,
2. o re:“ <Mmao e ne le tauhadi,tauhadi hara ditau!Selao sa hae se ne se le hara ditau,a hodisa madinyane a hae,a a hodisetsa hara ditawana.
3. Le leng la madinyane a haea le hodisa, la fetoha tawana;tawana ya ithuta ho tsomale ho harola,ya harola, ya eba sejabatho.
4. Yaba ditjhaba di utlwela ka yona,tsa e tjheha,ya wela ka lemeneng la tsona,tsa e tlama ka mahlaahlela,tsa e isa naheng ya Egepeta.
5. “ <Ha tauhadi e bonahore e lebeletse lelea,tshepo ya yona e se e bile e fedile,ya nka le leng la madinyane a yona,ya le hodisa, la fetoha tawana.
6. Dinyane la feresakahara ditau tse kgolo,la hola, la ba la fetoha tawana;tawana ya ithuta ho tsomale ho harola,ya harola, ya eba sejabatho.
7. Qhobosheane tsa bona ya di heletsa,metse ya bona le yona ya e ripitla.Baahi bohle ba naha eo ba tshoha,ba tshoswa ke tawana ha e puruma.