1. “Llela mahosana a Iseraele,
2. o re:“ <Mmao e ne le tauhadi,tauhadi hara ditau!Selao sa hae se ne se le hara ditau,a hodisa madinyane a hae,a a hodisetsa hara ditawana.
3. Le leng la madinyane a haea le hodisa, la fetoha tawana;tawana ya ithuta ho tsomale ho harola,ya harola, ya eba sejabatho.
4. Yaba ditjhaba di utlwela ka yona,tsa e tjheha,ya wela ka lemeneng la tsona,tsa e tlama ka mahlaahlela,tsa e isa naheng ya Egepeta.