Esekiele 18:3-19 BIBELE (SSO89SO)

3. “Ke a le hlapanyetsa, ho rialo Morena Modimo, le ke ke la hlola le sebedisa maele ana naheng ya Iseraele.

4. Bonang mona, motho e mong le e mong ke wa ka; ntata le yena mora, bobedi ba bona ke ba ka. Motho ya etsang sebe o tla shwa!

5. “Empa ha motho a lokile,a etsa ho lokileng, ho nepahetseng;

6. a sa jele bakeng tsa borapedi,bakeng tse dithabeng,a eso rapelemedingwana ya Iseraele;a eso silafatsemosadi wa monna e mong,kapa a robala le mosadiya nang le lehatlelo;

7. motho ya eso ka a hatella motho,ya buseleditseng moadimi,a mmuseletsa peeletso ya hae,ya eso tlatlape motho,a mo tlatlapa ka mahahapa,empa a fepa ba lapileng,a ba fepa dijo tsa hae,ba hlobotseng le bona a ba apesa;

8. ya sa adimanenghore a fumane phaello,kapa hona ho inkela tswala e ngata;ya hanang ho etsa bokgopo,ya ahlolelang batho a se na leeme;

9. ya mamelang ditaelo tsa ka,melao ya ka a e boloka ka botshepehi;ya jwalo o lokile,ke yena ya tla phela,ho rialo Morena Modimo.

10. “Empa ha motho eo a ena le mora wa senokwane, ya tshollang madi, mme a etsa e nngwe ya tsena,

11. le hoja ntatae yena a eso ka a di etsa:“A jela bakeng tsa borapedi,bakeng tse dithabeng,a silafatsa mosadi wa monna e mong;

12. a hatella mafutsana le bahloki,a tlatlapa motho ka mahahapa,a sa buseletse moadimia mmuseletsa peeletso ya hae,a rapela medingwana ya bohata,a etsa dintho tse manyala;

13. a adimana hore a fumane phaello,a bile a inkela tswala e ngata.“Na ya tjee o tla phela? Tjhe, ha a ka ke a ba a phela! Kaha o entse dintho tsena tsohle tse manyala o tla fela a shwe, mme ebe ke yena ya ipolaileng.

14. “Empa ha monna enwa a ena le mora ya bonang dibe tsohle tseo ntatae a di etsang, mme leha a di bona yena a sa di etse:

15. “A sa jele bakeng tsa borapedi,bakeng tse dithabeng,a eso rapelemedingwana ya Iseraele,a eso silafatsemosadi wa monna e mong;

16. a eso ka a hatella motho,a eso batle peeletso ho maodimi,a eso tlatlape mothoa mo tlatlapa ka mahahapa,empa a fepa ba lapilenga ba fepa dijo tsa hae,ba hlobotseng le bona a ba apesa;

17. ya hanang ho etsa bokgopo,ya sa adimanenghore a fumane phaello,kapa hona ho inkela tswala e ngata;ya jwalo o mamela ditaelo tsa ka,le melao ya ka o a e boloka.“A ke ke a shwa ka baka la bokgopo ba ntatae; ruri o tla phela.

18. Ha e le ntatae yena o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, hobane o hateletse ngwanabo, a mo tlatlapa ka mahahapa, a ba a etsa tse mpe hara setjhaba sa habo.

19. “Empa lona le a botsa, le re: <Ke hobaneng ha mora a sa jariswe bokgopo ba ntatae?> Ha mora a entse ho lokileng, ho nepahetseng, a bolokile ditaelo tsa ka, a di phethile, ruri o tla phela.

Esekiele 18