Esekiele 18:18-23 BIBELE (SSO89SO)

18. Ha e le ntatae yena o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, hobane o hateletse ngwanabo, a mo tlatlapa ka mahahapa, a ba a etsa tse mpe hara setjhaba sa habo.

19. “Empa lona le a botsa, le re: <Ke hobaneng ha mora a sa jariswe bokgopo ba ntatae?> Ha mora a entse ho lokileng, ho nepahetseng, a bolokile ditaelo tsa ka, a di phethile, ruri o tla phela.

20. Motho ya etsang sebe ke yena ya tla shwa. Mora a ke ke a jariswa bokgopo ba ntatae, le ntatae a ke ke a jariswa bokgopo ba mora wa hae. Ho loka ha ya lokileng e tla ba ha hae, bokgopo ba ya kgopo le bona e be ba hae.

21. “Empa ha ya kgopo a furalla dibe tsa hae tsohle, tseo a di entseng, mme a boloka melao ya ka yohle, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, ruri o tla phela, a ke ke a shwa.

22. Ditshito tsa hae tsohle, tseo a di entseng, a ke ke a hlola a sa di hopotswa. O tla phela ka baka la diketso tsa hae tse lokileng.

23. Na nna ke thabela lefu la ya kgopo, ho ena le hore a furalle ditsela tsa hae, mme a phele? ho rialo Morena Modimo.

Esekiele 18