6. Peo ya mela, ya eba fate sa morara,morara wa kakatjhelana,o thathaletseng;makala a wonaa melela hodimo, ho ntsu,metso ya wona ya melela tlase,ya eba morara, makala a mela,a thathalla, a medisa le mahaba.
7. β <Ho no ena le ntsue nngwe hape e kgolo,e mapheo a maholo,a masiba a mangata;morara wa lebisametso ya wona ho ntsu eo,le makala a wona a lebiswa ho yona,hore e o nwesetseka metsi a mangataho feta kamoo o nwesetswang kateng.
8. Morara o no so hlonngwemobung wa selokwe,o hlonngwe pela metsi,metsi a nwesetsang,hore o tlo medise makala a wona,o a medise, a behe le ditholwana,e be morara wa bohlokwa,o motlemotle.>
9. βEre ho bona Morena Modimo o bua tjena:β <Morara o jwalo na o ka atleha?Ha o tlo fotholwa ka metso,tholwana tsa wonadi hlohlorwe, di omelle?Mahaba a wona wohle a tla omella!Ho o fothola ka metsoho tla ba bobebe,ha ho hloke matlakapa letshwele la batho.
10. Ha o hlongwa sethopona o tla atleha?Ha o tlo omella, e be lehohorwana,ha moya wa botjhabelao fokela ho wona?O tla omellela mooo lemilweng teng.> β
11. Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re: