Esekiele 16:36-45 BIBELE (SSO89SO)

36. Morena Modimo o bua tjena: Erekaha o hafakile ditjhelete tsa hao, wa pepesa bofeela ba hao, ha o ne o etsa bootswa le baratuwa ba hao, le medingwana ya hao e manyala, eo o e etseditseng sehlabelo ka bara ba hao;

37. ka baka leo, ke tla phutha baratuwa ba hao bohle, bao o neng o ithabisa le bona; bohle bao o neng o ba rata, le bohle bao o neng o ba hloile. Ke tla ba bokella, ba o etsetse sakana-la-nkope, ke ba pepesetse bofeela ba hao, hore ba o bonele.

38. Ke tla o ahlola ka kahlolo ya basadi ba difebe le ba babolai. Ka baka la kgalefo ya ka le bohale ba ka, ke tla iphetetsa ho wena, ke o ahlolele lefu.

39. Ke tla neelana ka wena matsohong a baratuwa bao ba hao, ba heletse dibaka tseo o etsetsang bootswa ho tsona, le dibaka tsa hao tsa borapedi. Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba nke le mabenyane a hao, ba o siye o tsotse, o le feela.

40. Ba tla hlohleletsa mokgopi hore o o tlepetse ka majwe, o o etse ditsekana ka disabole tsa wona.

41. Baratuwa bao ba tla tjhesa matlo a hao, ba o ahlolele moo basadi ba bangata ba ntseng ba tadimile. Ke tla fedisa bootswa ba hao, mme ha o sa tla hlola o nea baratuwa ba hao tjhelete.

42. Bohale ba ka ho wena bo tla kokobela, le kgalefo ya ka e kgaotse, ke kgutse, ke se hlole ke o halefela hape.

43. “ <Erekaha o sa ka wa hopola matsatsi a botjha ba hao, wa nna wa nkgalefisa ka ho etsa dintho tsena, bona mona he, le nna ke tla iphetetsa ka baka la tsena tseo o di entseng, ho rialo Morena Modimo. Na ha wa ka wa eketsa bootswa hodima manyala wohle ao o a entseng?

44. “ <Motho ka mong ya sebedisang maele, ha a bua ka wena Jerusalema, o tla sebedisa maele a reng: “Ngwana tadi o tsejwa ka mereto.”

45. O fela o le moradi wa mmao kannete, yena ya neng a nyonya monna wa hae le bana ba hae. O tshwana hantle le bana beno, ba neng ba nyonya banna ba bona le bana ba bona. Mma lona e ne e le Mohete, ntata lona yena e le Moamore.

Esekiele 16