11. Ka o tlatlapetsa mekgabiso, ka o rwesa dipetja matsohong, molaleng ka o rwesa sekgama.
12. Ka o rwesa lesale nkong, ditsebeng ka o rwesa masale a mmofa, ka ba ka o rwesa le mofapahlooho o motle.
13. Kahoo o no tlatlapetse mekgabiso ya kgauta le ya silefera, diaparo tsa hao e le tsa lene e ntle le tsa sileka e homilweng. Dijo tsa hao e ne e le tsa phofo e thumisehileng, le mahe a dinotshi le ole. Wa ba motle ka ho fetisisa, wa atleha, wa ba wa ba mofumahadi.
14. Ka baka la botle ba hao, botumo ba hao ba tlalatlala hara baditjhaba, hobane mekgabiso eo ke neng ke o kgabisitse ka yona e ile ya etsa hore botle ba hao bo phethehe, ho rialo Morena Modimo.
15. “ <Empa o ile wa tshepa botle ba hao, botumo ba hao ba o fetola seotswa, wa etsa bohlola le bohle ba fetang ka tsela, wa ba wa bona.
16. Wa nka tse ding tsa diaparo tsa hao, wa kgabisa dibaka tsa hao tsa borapedi ka tsona, di le mebalabala, mme wa etsetsa bootswa ba hao hona moo. Dintho tsa mofuta ona ha di a lokela ho etsahala, kapa ho ba teng.
17. Wa nka le mabenyane a matle a kgauta le a silefera, ao ke neng ke o file wona, wa iketsetsa medingwana e metona ka wona, mme wa feba le yona.
18. Wa nka diaparo tsa hao tse homilweng, wa e apesa tsona, wa e nyehella ka ole ya ka le ka mokubetso wa ka.
19. Wa e nyehella le ka dijo tsa ka, tseo ke o fileng tsona hore o di je, e leng tsa phofo e thumisehileng, le mahe a dinotshi, le ole, hore e be mokubetso o monko o monate. Tsena ke tsona tse ileng tsa etsahala, ho rialo Morena Modimo.
20. “ <Wa nka le bara le baradi ba hao, bao o ntswaletseng bona, wa etsetsa medingwana ena sehlabelo ka bona hore e ba je. Na o ila bona bootswa boo ba hao bo sa lekana,
21. hoo o bileng wa bolaya bana ba ka, mme ka bona wa etsetsa medingwana eo setjheso?
22. Ha o ntse o etsa manyala ana a hao le bootswa bona ba hao, ha o a ka wa hopola matsatsi a botjha ba hao, ha o ne o tsotse, o le feela, o le ditshila ke madi a hao.
23. “ <O madimabe! O madimabe hakaakang! ho rialo Morena Modimo. Hoba o etse bobe bona bohle ba hao,
24. o ile wa ikgahela dibaka tsa borapedi mabaleng wohle.
25. Mateanong wohle a ditsela o ile wa haha dibaka tsa borapedi, wa tlontlolla botle ba hao, wa ipeketlela bohle ba fetang ka tsela, wa totisa bootswa ba hao.
26. O bile o entse bootswa le Baegepeta ba ahisaneng le wena, ba tletseng ditakatso tsa nama, wa totisa bootswa bona ba hao, mme wa nkgalefisa.
27. “ <Jwale ke otlolletse letsoho la ka hodima hao, ka fokotsa seo ke neng ke o abetse sona, ka neelana ka wena matsohong a ba o hloileng, e leng baradi ba Bafilesita, bao mekgwa ya hao ya bootswa e neng e ba hlabisa dihlong.
28. “ <Kahobane o ne o sa kgotsofale, le Baasiria o entse bootswa le bona. E, o bile seotswa sa bona, empa le bona ha ba a ka ba o kgotsofatsa.
29. Hapehape o entse bootswa bo bongata ho ya fihla naheng ya Bakalatiya, e leng naha ya bahwebi, empa le bona ha ba a ka ba o kgotsofatsa.
30. “ <O tjhatjheha hakaakang ha o etsa dintho tsee, o etsisa seotswa se hlokang dihlong! ho rialo Morena Modimo.