Esekiele 16:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

2. “Wena ngwana motho, tsebisa Jerusalema manyala a yona,

3. o re: <Morena Modimo o bua tjena ho Jerusalema: Moo o hlahetseng teng, moo o tswaletsweng teng, ke naheng ya Kanana. Ntatao e ne e le Moamore, mmao yena e le Mohete.

4. Tsa tswalo ya hao di bile tjena: Mohla o neng o hlaha, kalana ya hao ha e a ka ya kgaolwa; ha o a ka wa hlatsuwa ka metsi hore o hlweke; ha o a ka wa pikitlwa ka letswai, leha e le hona ho phuthelwa ka masela.

5. Ha ho le ya mong ya kileng a o hauhela, a o etsetsa dintho tsena, kapa a o utlwela bohloko. Mohla letsatsi la tswalo ya hao wa na wa lahlelwa hara naha, hobane o ne o nyonyeha.

6. “ <Yare ha ke feta pela hao, ka o bona o le ditshila ke madi a hao. Ka bua le wena o ntso le madi jwalo, ka re: “Phela!” E, ka rialo ho wena o ntso le madi, ka re: “Phela!”

Esekiele 16